MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
LEKALA LA MERU LE RE HA LE AMEHE TLHOPHONG EA MANANE A SECHABA LIKHAKELETSING
By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Ofisiri ea Paballo ea mobu le Makhulo, Lekaleng la Meru, e re tšebetso ea Lekala la habo eona ha e amehe tlhophisong ea manane a sechaba se kenang khirong ea likharekeletsi, empa e etellapele tšebetso e joalo ka lipitso ho hlalosetsa sechaba mokhoa oa tšebetso.
Palesa Leoaneka, o re sechaba e ba sona se ingolisetsang tšebetso e joalo ho ea ka metse ea sona, ebe ho nkoa motse o mong le o mong ho ipapisitsoe le hore na ho hlokoa ba ba kae ka nako eo.
O re Lekala le keke la e-ba le lenane la sechaba hobane ha le tsebe baahi ba motse o joalo, ’me ho lebeletsoe hore likhakeletsi tsa lebatooa la Qoaling, li nke likhoeli tse ’ne ha basebetsi ba tla sebetsa matsatsi a mashome a mabeli.
Sena se latela hore baahi ba Qoaling, ba re mok’hanselara oa sebaka seo o hutse lathahatamo la lithatohatsi tsa hae, ha eena a re o filoe lethathamo le joalo ke lekala la Meru.
Mok’hanselara 'Mats’ola Masenkane, o hlalositse hore lethathamo leo a sebetsang ka lona, ke leo a le filoeng ke Lekala la Meru, ’me ke batho ba tsoang metseng e fapakaneng ka hare ho lebatooa leo, ho ea sebetsa likhakeletsing tse ’ne.