BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

KOMITI EA PARAMENTE E SHEBANENG LE BOIKETLO BA SECHABA E RE BAKULI BA HANE HO FETISETSOA LITSING TSE IKEMETSENG KE TSA 'MUSO

By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Komiti ea Paramente e shebaneng le boiketlo ba sechaba, e re bakuli ba mafu a sa tloaelehang, ba khaotse hang ho lumela ho fetisetsoa litsing tse ikemetseng tsa bophelo ke tsa 'muso, ka le reng ha hona lisebelisoa kapa thepa e lokelang ho ba alafa, lebaka ke hore taba eo ke leshano le se nang litsoako hoba ho utloahala lingaka tse hiriloeng litsing tsa 'muso li sebetsa le litsi tse ikemetseng, ekaba tsa tsona kapa tsee li nang le selekane le tsona. Litaba tsena, li sibollotsoe ke komiti e boleloang tulong ea eona le mokhatlo oa mafu a ikhethang ka Labobeli la beke ena, o neng o re paramente e ke e sebetsane le maano, mekhoa le melaoana e ka ba kenyelletsang hore ba be le tokelo e lekanang le ea bakuli ba mafu a mang, 'muso o loants'e tlhokahalo ea lipilisi litsing tsa bophelo le mechini e ba hlahlobang, hoo ba eeng ba lokele ho ea li reka ka boturu litsing tse ikemetseng e le ho boballa bophelo ba bona. Boemong bona, komiti e bolelletse mokhatlo hore hona le thepa e rekiloeng litsing tsa bophelo ho kenyelletsa sepetleleng sa setereke sa Maseru se tlang ho buloa hanufinyane e reretsoeng ho thusa bakuli bao le hore ho na le chelete e behelletsoeng ka thoko ho thusa bakuli ba mofuta oo lekaleng la bophelo, ba etse likopo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.