MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MOLEBELI O TSETOLLA SETOPO SA MOSEBETSI ’MOHO LE EENA, HA ’MAJANE
By Thabo Mokoena • August 22, 2023 • 5 min read
Molebeli oa lebenkele la thepa ea katlung, Ha ’Majane, Maseru, o tlalehoa a tsetollotse setopo sa mosebetsi ’moho le eena, ka Labohlano la mafelo a beke ena, see pelaelo eleng hore o ile a setsetela khoeling ea bone ea selemo sena.
Ea fileng Lehakoe la Litaba litaba tsena, o re eo o fihlile sebakeng seo a qhojoa ke sepolesa sa Maseru e toropong, a se supisa moo a tsetetseng setopo, ’me a laeloa ho se epolla, sa fela sa fumanoa.
O re le hoja ho e-so hlake hantle se tsekiloeng, menyenyetsi e re ’melaelloa o ne a kolota mofu joale a se a sa batle ho mo lefa, hape ba ne ba tseka mocheliete, ’me o itse o ile a mo khama ka terata e bileng ea fumaneha molaleng oa setopo, sona sa nkeloa polokelong ea bafu.