BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

SEPOLESA SE RE BOHLE BA TLA FUMANOA BA INYAKALATSA KA ’MINO OA LIHLOPHA TSE THIBETSOENG KA MOLAO BA TLO TS’OAROA

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Mookameli oa sepolesa sa Lesotho o re li-ea-le-moea le Basotho bohle, ba thibetsoe ka molao ho letsa lipina tsa lihlopha tsa ’mino oa famo tse thibetsoeng ka molao, ’me tsena o li buile ka Labobeli la beke ena, ntlo-kholo ea sepolesa, Maseru. Ngaka Mahlape Morai, o re ho khothaletsa kapa ho ts’ehetsa lihlopha tseo, ke tlolo ea molao ho sa natse hore na motho ke setho kapa o letsetsa sechaba mafapheng a fapakaneng, a kenyeletsang meketeng le motho ka bo mong. O re sepolesa sa habo se oele ka phatla ka ho thunngoa ha litho tse peli tsa sepolesa le sesole, li ne li fapohetse tameneng Ha-Buasono, Berea, ha li tla bolaoa, ’me ha ho e-so tsebahale sesosa sa lefu la tsona. Morai o re o fana ka libeke tse tharo ho tloha ka Labobeli la beke ena hore, Mosotho e mong le e mong ea nang le sethunya se seng molaong, a nehelane ka sona sepoleseng se haufi kapa moreneng oa hae.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.