Local
SEPOLESA SE PHUTHA LITOPO TSA LITHUNYA, LIBAKENG TSE FAPAKANENG TSA NAHA ENA
By Thabo Mokoena • November 24, 2025 • 5 min read
Baamani ’moho le mosali ea thunyelitsoeng lefu a ne a kena khorong ea lelapa la hae, Boleka Ha Ramothabeng, Mafeteng, mafelong a beke e fetileng, ba bolailoe ka sethunya boraro ba bona, ke batho ba sa tsejoeng shoalaneng ea Laboraro la beke ena.
Mokhethoa oa Puso ea Libaka, monghali Lehloenya Nchai, o re linokoane tse peli li ne li ile tsa iphetisa sebakeng seo ho neng ho ntse ho laolleloa manyolo ho sona, ’me e mong oa bafu, a botsa bao se ba behang moo, etsoe ne ba sa tsejoe.
O re ka mor’a nakoana, ba khutla ba se ba ntse ba fafatsa ba boletsoeng ka lethala la likulo, ’me ba neng ba le moo, ba phasa-phasa ho pholosa bophelo ba bona, hamorao ba fumana boraro boo, e se ele maobane, ’me bafu ba phuthiloe ke sepolesa sa setereke seo.
Ho sa le joalo, ’Mabokang Kholoane oa Siliwe Ha ’Malintja Mohalesuku, o re setloholo le ngoetsi ea hae, ba sepetlele Mafeteng ka mor’a hore ho thunngoe mor’a hae ke motho ea sa tsejoeng, ea fihlileng a ikenela katlung le ho ba fafatsa ka lethala la likulo ka Labosupa le fetileng.
O re mora o ile a timella sebakeng sa ketsahalo, ’me tsena li mo hlahela a ne a tlile Lesotho ho tla boloka nkhono oa hae ea patoang mafelong a beke ena, ha ’melaelloa ketsong ena, a ntse a e-so ts’oaroe. Litaba tsena li bile tsa tiisoa ke morena Batere Thulo