MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MONNA OA MOSOTHO O THIBELA NYOLLO EA MOTLAKASE KA MAKHOTLA A BOAHLOLI
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
E mong Bokang Sekopa Mosotho oa naha ena o se a kopile namo Lekhotleng le Phahameng hore le ts’oaroe matsoho qeto ea Lekhotla la Taolo ea Metsi le Motlasa (LEWA), holim’a nyolla ea litefiso tsa motlakase ka linoko tse robong lekholong ho qala ka lapele la ’Mesa ea monongoaha
Har’a lithapeli tsa Sekopa ke hore Lekhotla le Phahameng la naha ena le mamele nyeoe ena e potlakile, qeto ea LEWA e behelloe ka ka thoko ho fihlela nyeoe e felile, kaha nyollo e na e fihletsoe ho saka ha nonyoa baji maikutlo empa e ba ama.
Ka lebaka leo e tlilo imetsa sechaba se kollang ntsi hanong le se its’ebetsang kaha se tholla sepeng la ntja, molli o re lekhotla le phatlalatse qeto ena e entsoe ka ho hloka ponaletso hohle, e bile ele khatikelo ea litokelo tsa baji, hoba ba sebelisi ba motlakase bophelong ba letsatsi ka leng, nyeoe ena ha e-so hloaeloe letsatsi leo e tlang ho mameloa ka lona.