BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Lingaka, baoki le bafani ba litlhare litsing tsa bophelo tse ka maloting, li re ha 'muso o sekehele sello sa tsona tsebe

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Monghali Tanki Malau Ranthimo o re lingaka, baoki le bafani ba litlhare litsing tsa bophelo tse ka maloting, ha li cheche, li tsoelapele ka boipelaetso ba tsona ba hore li fumants’oe meropotso ea ho sebetsa libakeng tse fihlellehang ka thata, le hoja sello sa bona se sa hlomole phakoe ho ’muso oa Lesotho. Moemeli oa ba seng ba boletsoe, o re ba ntse ba sebeletsa bakuli ba likotsi feela, bao hamorao ba tlang ho ba tlohella ha ’muso o keke oa arabela sello seo sa bona, ’me tumellano e ne e ile ea re ba tla lefshoa sekete sa Maloti khoeli le khoeli le hoja bona ba ne ba kopile tse hlano. O re esale ba emela karabo ka mor’a ho hokahana ha komiti ea paramente ea boiketlo ba sechaba le makala a amehang, empa ho fihlela lena le holimo, ha ho e-so be le nko ho tsoa lemina.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.