MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Basotho ba sala lepalapaleng libakeng tse fapakaneng tsa naha ena, ka mora sefefo se matla se fefotseng matlo a bona
By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Nkhono ’Manyalleng Mothobi oa ’Mants’onyane Lihloaeleng Ha Chabeli, Thaba-Tseka, o re o setse lepalapaleng le litloholoana tsa hae, ka mor’a hore sefefo se matla se bileng hoseng ha Lapele la beke ena, se fefole ntlo ea hae ea polata.
O re ba ne ba ntse ba robetse nakong eo moea oo o eang ka masenke le mapolanka, ba utloa ba se ba neloa ke pula, ’me ha tsebe hore na o tlilo pata hlooho kae, le hoja a re baahisane ba entse matsapa a ho e koahela ka seile.
Ho sa le joalo, baahi ba Santamonika Ha-Barete, Leribe, ba setse ’mananeng ka mor’a sefefo se matla se ileng ka marulelo a matlo a bona, ho bo selang Lapele la beke ena, ’me ba re ba kopa liseili hore ba koahele marako.
Ea buileng lebitsong la bona, o re ho latela matla a sefefo seo, matlo ao ho ahiloeng ka setene holim’a marulelo, le oona a ile, ha a mang ho senyehile masenke le mapolanka, ha ho ka mokhoa oo a ka lokisoang ka teng.