BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Mok'hanselara o phallela malapa a fefohetsoeng ke matlo, Teraehuku Berea

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Bo-nkhono ba babeli ba Teraehuku Ha-Lebese, Berea, ba re ba lakalletsa mok’hanselara Sekete Ntabejane, bophelo bo bolelele, ha a tsebile ho rulela matlo a bona a ileng a nkoa ke sefefo sa moea se bileng ka Lapele la beke e fetileng. Nkhono ’Mapitso Sehole le ’Masenkhane Senkhane, ba re ba qala ho bona ngoan’a motho ea ba etselitseng mosebetsi o babatsehang hakaalo, hobane ha ho le ka mohla ba kileng ba bona o joalo mohlolo. Litabeng tsena, mok'hanselara Sekete Ntabejane o re ke matlo a mahlano a ileng a fefoha letsatsing le boletsoeng, ’me o fane ka thuso ea mapolanka le samente ho oona kaofela hore a ruleloe, ’me o entse tsena ka ts’ehetso ea molekane oa hae.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.