MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Melodious Music Awards e tla fana ka likhau mafapheng a fapakaneng, ka Mphalane monongoaha
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
E le ho keteka lilemo tse makholo a mabeli Basotho e le sechaba, Melodious Music Awards, e hlophisitse phano ea likhau mekhahlelong e mashome a mabeli a metso e mehlano mafapheng a fapakaneng, tse tlang ho ajoa ka la mashome a mabeli a metso e ts’eletseng, Mphalane, monongoaha, holong ea liboka ea ’Manthabiseng.
E mong oa bahlophisetsi ba phano ea likhau tsena, Crace Matlotlo, o re har’a mekhahlelo e boletsoeng e kenetseng litlholisano tsena, ke batsamaisi ba hloahloa ba mananeo li-ea-le-moeeng, libini tsa ’mino ka ho fapakana ha oona, ’me ba li kenetseng, ba se ba ka khethoa ke barati ba bona ka litsoibila.
Litabeng tsena, e mong oa baphutsalatsi ba Moafrika FM, Mpinane Thulo ea mokhahlelong oa batsamaisi ba hloahloa ba mananeo li-ea-le-moeeng, bats’ehetsi ba hae ba lokela ho tsoibilela litlhaku tsena tse latelang: BRPY1 ho 31019, ’me tsoibila ke Maloti a mabeli.