BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Bamameli ba re ngoana a ka rutoa boits'oaro ho tloha ha a qala ho ithuta puo

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Bamameli ba Majalefa a Lesotho, ka Lapele la beke ena, ba re ngoana a ka rutoa boits’oaro nakong eo a qalang ho ithuta puo, bonyane ho tloha lilemong tse peli tsa kholo ea hae, ka mekhoa e fapakaneng. Ba re mantsiboea, malapeng ho arolelanoa lietsahala tsa letsatsi le letsatsi, lipakeng tsa batsoali le bana, joalo kaha mehleng ea pele ho ne ho phetoa lits’omo le lilotho, ’me ke nakong eo moqoqo, o tla lebisa ho lauoeng ha bona litabeng tsa bophelo. Ke hona mona moo ho hlahelletseng, hore ka lebaka la marang-marang ao batho ba seng ba iphathahanya ka ona morao tjena, bana ba lahleheloa ke mofuthu oa lerato la batsoali le hona ho ithuta tse molemo hobane e ba bohle ba shebane le mehala ea bona ho e-na le ho buisana ka tse ka bang molemo ho bana.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.