MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
BAITHUTI BA HLAKOLELOA MEKOLOTO KA BOMENEMENE LEFAPHENG LA LIHLAPISO
By Thabo Mokoena • November 14, 2025 • 5 min read
Motsoka-sephali oa Lekala la Meralo ea ntlafatso, o re ke bonyane baithuti ba mashome a mabeli a motso o mong ba hlakoletsoeng mekoloto ka bomenemene, ke bahlanka ba sebetsang lefapheng la lihlapiso la naha ena.
Monghali Selibe Mochoboroane, o re sena se utulohile ka mor’a hore a fumane menyenyetsi ka batsoali ba baithuti ba likolo tse fapakaneng tse kholo, hore ba ile ba nts’a tjotjo hore bana ba bona ba fumane lihlapiso.
O re ho fihleng ha hae lekaleng leo, o ne a ile a utloa menyenyetsi ea hore ho na le batsoali ba fanang ka tjotjo, empa o ne a se na bopaki bo ts’oarehang bo ka e tiisang, ho fihlela ha ho e-ba le liphuputso tsena.
Monghali Mochoboroane o re ha nako e ntse e ea, ha hlahella bonnete ba taba ena, ha ba ha tsebisoa sepolesa ka eona, se ileng sa e latella ho fihlela ho fumanoa ba bang ba bahlanka ba nkha lefotha ho eona.
O re litabeng tsena tsohle, ho fumanehile hore bahlanka ba li sebetsa le karolo e ’ngoe ea sechaba, moo ba nang le mechini e etsang litokomane tse fapakaneng tse hlokoang ha ho hlophisoa lihlapiso.
Boemong bona, o re baithuti bohle ba amehang litabeng tsena, ba se ba bitsitsoe ke Lekala la Ntlafatso la Meralo, ’me ho na le ba bang ba iphapanyelitseng pitso eo, sepolesa se se se tla sallana le bona.