MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mok'hanselara oa Makherehloa o fumants'a sechaba sa habo metsi a hloekileng, Mokhotlong
By Thabo Mokoena • December 7, 2025 • 5 min read
Mokhethoa oa lekhotla la puso ea libaka Makherehloa Mankeng, Mokhotlong, monghali Tebello ’Motsi, o re hlathe e lelekisa tsebe ho sechaba sa habo ka mor’a ho fumants'oa metsi a hloekileng bekeng e fetileng.
O re o phalletse sechaba seo ka lipeipi tse tsamaisang metsi ka mor’a hore tse neng li le teng li tabohe, ka mabaka ana, o labalabela hore moo sechaba sa habo se nang le bothata, a se thuse hobane o moo ka sona.