BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Bamanolli ba puo ea Sesotho ba konne Chikako Manase sekoere

By Thabo Mokoena • June 27, 2024 • 5 min read
Bamanolli ba mantsoe, lipolelo le maele a Sesotho, ba timme monghali Chikako Manase monyetla oa ho kena ka sekoereng, lenaneong la Puo ea Sesotho ka Labone la beke ena. Bamanolli ba ile ba nka nako eohle ho manolla lentsoe ‘setso’, ba tsamaea ba hanana, ba bang ba re ke lentsoe le nepahetseng, ba bang ba re ke Sesotho sa mapolasing. Bonyane, ba lumellane holim’a lentsoe 'se' hore le emetse boleng ba sechaba, tsebahalo ea sona, tsela ea sona ea ho etsa kapa ho sebetsa ’moho le puo ea sona, ho kenyeletsa lijo, meriana le lino tsa sona.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.