MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MONNA O ROMELA SEKETE SA MALOTI KA MARANG-RANG, KA KHOPOLO EA HORE O TLA FUMANA MOSEBETSI
By Thabo Mokoena • December 1, 2025 • 5 min read
Le leng la mahlatsipa a jeloeng lichelete ka boqhekanyetsi, le re le eletsa sechaba hore leha mesebetsi e le sieo, se se iphumane se fane ka eona ho maorolamo ka khopolo ea hore se tla e fumana.
Monna ea ipoletseng e le Sekoto Ramahlele, o re o bua sena e le ha a se fane ka sekete sa Maloti, ka mor’a ho bona ho thathamisitsoe mesebetsi e kenyeletsang oa bolebeli marang-ranng, ’me a ba le thahasello ea oona.
O re litaba tsena li manehiloe leboteng la e mong ’Malekhanya Suthisi ea ileng a mo fetisetsa ho Lebajoa Leema ee itseng hang ha eena a qeta ho romela chelete, eaba ha o sa fumaneha.
O re o ile a buisana le ba neng ba re ba na le mesebetsi, ba ileng ba mo tataisa hore na a ts’ele chelete e boletsoeng hokae, ka mor’a moo, mohala oa se hlole o fumaneha, ke kahoo a reng batho ba itlhokomele.
Boemong bona, Lehakoe la Litaba le buletse beng ba mabitso a seng a boletsoe menyako ho fana ka lehlakore la bona holim’a litaba tsena, etsoe mohala o tlalehoang o t’setsoe chelete o ne o sa fumanehe.