MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Banka e kholo ea Lesotho e atlehile ho khoasa limillione tse leshome le metso e robeli, ho tse mashome a mahlano tsa maloti, tsa bosholu
By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Motlatsi oa Mokhofonoro oa Banka e Kholo ea Lesotho, monghali Lehlomela Mohapi, o re banka ea habo e entse liteko tsa ho khoasa naepene eohle ea bosholu ba limillione tse mashome a mahlano tsa Maloti, empa ea atleha ho fumana feela tse leshome le metso e robeli, ho bonahala hore e ’ngoe e ne e se e nts’itsoe ka har’a lipolokelo.
Tsena Mohapi o li buile tulong ea komiti ea Paramente e alositseng ts’ebeliso ea lichelete tsa sechaba, PAC, ka Labobeli la beke ena. O re ka mor’a ho elellisoa ke Ramatlotlo oa ’muso, hore bokhothokhotho boo bo nyamelletse moo ho sa tsejoeng, banka e ile ea etsa lipatlisiso tsa liforensiki tse sibollotseng hore bosholu bo etsahetse nakong ea Kokorona, moo bohlanka bo bong bo neng bo sebeletsa malapeng, le mechini e ne e sitoa ho thibela litefo tse imenahantseng.
O re qeto ea boto ea banka ea habo, ebile hore bokhothokhotho boo, bo tle bo khutlisetsoe ’muso le hoja a sitiloe ho araba hore na e tla lefshoa neng, e tsoa ho hokae ha e se hore sepolesa se ntse se tsoelapele ka liphuphutso.