BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

LIQOILI TSA SESOLE LI INOLA SETOPO SA MOSHANYANA KOETSOENG MATHEBE MAFETENG

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Moshanyana ea lilemo li 13 oa Ha Qamako Matete, Mafeteng, o inotsoe koetseng e se e le mofu ke sesole sa Lesotho ka ka mor’a ho noela ba ne ba ntse ba tola ka Labots’elela la ha khoeli ena, e hlola matsatsi a leshome le metso e mene ba etsoa bashemaneng. Mokh’ansela oa sebaka seo monghali Tau Matlakala o re ba ile ba kopa thuso ho sesole ka mor’a hore sepolesa se hloloe ho finyella sebakeng sa ketsahalo ka nako ’me liqoili tsa sesole li fihlile ka ho panya ha nts’i. O re mofu o ba makalitse kaha a sa bonahale a khaqile metsi ekaba ka ho kokomoha ha limpa, empa o tsoile a le joalo. Ka lehlakoreng le leng sesole se bile metseng ea Matelile hona Mafeteng ka letsatsi le leboletsoeng moo ho neng ho chesoa mephato e mahlano ho beha babolli leihlo le nchocho se ipapisitse le litlaleho tsa mautloela a sona litabeng tsa litlolo tsa molao tse neng li ka hlokisa sechaba botsitso. Lut. Canel Sakeng Lekola o itse ha ho tlaleho ea libetsa tse fumanoeng ka hare ho babolli le melami e ne e sebelisoa ka tsela e nepahetseng, ka lebaka leo ba bile le ts’ebelisano ’moho e mofuthu le bona.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.