BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

IEC E HLAKOLA LIPHATHI TSE MASHOME A MABELI LENANENG LA NGOLISO EA EONA

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Komisi e Ikemetseng ea Likhetho, IEC, e pheshetse liphathi tsa lipolotiki tse mashome a mabeli lenaneng la eona la ngoliso ea liphathi, ka le reng ha li ikobele molao le tsamaiso ea komisi, ho rialo Raliphatlatso oa komisi. Monghali Tuoe Hants’i o re har’a lipehelo tseo liphathi tsena li sitiloeng ho ikobela tsona, ho kenyelletsa ho thethebala ha liofisi tsa tsona, ho se hlakisi litaba tse amanang le botho le litlaleho tsa ts’ebeliso ea lichelete, har’a tse ling. Ntle ho moo, o re liphathi tse mashome a mabeli a metso e ts’eletseng ho tse mashome a mane a metso e robeli tse ngolisitsoeng le komisi, li ntse li phenngoa mahafi, ’me li se li ngolletsoe mangolo a ho li ema maqothe hore li ikamahanye le lipehelo tsa komisi. Liphathi tse hlakotsoeng ke tse latelang: Hamore, Ts’epo Ea Basotho, People’a Convention, Alliance of All Basotho Victims, Majalefa, White Horse, Sankatana, All Democratic Corporation, Basotho Batho Democratic, Community Freedom Movement, Revolutionary Alliance of Democracy Tru Reconciliation Unit, Development Party oa Lesotho, Prayer Shawl and Light, Progressive Democrats, Tsebe Social Democrats, Your Opportunity and Network Alliance, Lekhotla la Mekhoa le Meetlo, Basotho Thabeng ea Sinai le Cry Not Child.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.