Local
KAHLOLO NYEOENG EA MEHALA EA MOFOMOBE LE SHALE E TLA FANOA KA NAKO E TLA PHATLALATSOA KE LEKHOTLA
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Akhente Letsie Moshoeshoe, lebitsong la ’muso,lekhotleng la molao oa Motheo ka Lapele la beke ena, o itse mehala ea benghali Machesetsa Mofomobe Mp, le Moeketsi Shale, e belaelloa ke mautloela a naha ena e sebelisitsoe polaong ea monghali Ralikonelo Joki, le tlolong ea molao ea bohlabaphieo ba mautloela a ntseng a ba romella makunutu a boutloela ba naha ena.
Moshoeshoe o re mehala eo, e hlokoa ka sepheo sa ho phethela lipatlisiso tsa liketsahalo tseo, ebe ke hona mautloela a tla rolela tsohle ho sepolesa ho isa ba tlang ho amahanngoa le lefu leo khotla.
O hlotsoe ho hlalosetsa lekhotla hore na ke hobaneng ba sa alosa mehala ea benghali bao, ‘moho le mautloela hang ha ba hlokomela litaba tsena, le hore na ke hobaneng tokomane eo e tekennoe ke letona ofising ea tonakholo, empa motlatsi oa eona a le teng. A re o oa, a tsoha le likhang tsa hae tsa lipampiri.
Monghali Machesetsa Mofomobe, le Moeketsi Shale ba itse lekhotla le phatlalatse taelo ea mautloela le tonakholo, ea ho ba amoha mehala ea bona, e le khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho, e bile e le ka thoko ho molao.
Ba re mautloela ha a na tokelo ea ho kena-kenana le lifono tsa bona, ebile ha a na matla a ho fuputsa linyeoe tsa litlolo tsa molao le bosholu ba chelete, joalokaha a hloma hore lifono tseo li bile le seabo polaong ea sehloho ea Ralikonelo Joki, ho hlatsoa chelete le ho amohela makunutu a naha ena ka litsela tse fosahetseng, ba re hona le mafapha a abetsoeng ts'ebetso e joalo, e leng sepolesa le DCEO.
Mofomobe le Shale, ba ntsoeleng hore litaelo tsa ho nka mehala hore e fuputsoe, li fanoa ke makhotla a boahloli e seng 'muso ka bapolotiki, 'moho le bona ho qoba khoa'o e ka tsoaloang ke ts'ebetso e joalo. Ba re le oona makhotla, a lokela ho bonts'a mofuta oa fono e hlokoang, nomoro ea eona le mofuta oa puisano, e kaba oa mohala kapa molaetsa, e leng see NSS e sa reng letho ka tsona.
Ba re ka hare ho mehala ea bona, hona le makunutu a bona a sa lokeleng motho oa bobeli, 'me ho fana ka eona e tla be e le ho a pepesa le ho ikamoha tokelo ea bolokolohi ba ho boloka makunutu ao. Ba re 'muso o ba forotlelletse ka ho fa letona Limpho Tau mosebetsi oo eseng oa hae, kaha e se letona la ts'ireletso, ka lebaka leo ha ba na boemo ba ho tekenela mangolo a joalo.
Kahlolo holima nyeoe ena, e tla fanoa ka letsatsi le tla fanoa ke lekhotla. Mofomobe le Shale ba buelloa ke liakhete Christopher Lephuthing le Tempo Lesupi ka tlhatlhamano ea ho bitsoa ha bona. Baahloli ke Sakoane CJ, Khabo j le Kopo J.