BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

VODACOM FOUNDATION E NANABELETSA LETSOHO SEKOLONG SA BANA BA NANG LE BOKOOA BA PONO, MASERU

By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Vodacom Lesotho ka kopanelo le Alliance Insurance Company, li hlahisitse ka pele ho sechaba sehlahisoa se secha se bitsoang Vodacom Mpatesheleng Scheme ka Lapele la beke ena Maseru. Monghali Ts’epo Thabisi, mookameli oa nakoana Vodacom Lesotho, o re setlabolane sena se reretsoe ho khahlametsa Basotho nakong ena ee moruo o putlameng lefats’eng, ‘me tabatabelo ea bona ke hore Basotho ba nolofalloe ke lits’ebeletso tsa lichelete tse nang le boleng ka litjeo tse amohelehang. O re sena se etsoa e ntse e le ho busetsa sechabeng ’me monghali Ts’epo Ntaopane, mookameli lefapheng la lithekiso VCL, o re o ipiletsa ho sechaba ho boloka le ho ts’ireletsa lintlafatso. Ho le joalo, monghali Katleho Pefole, o re Vodacom Lesotho Foundation, e tla fana ka tlatsetso bakeng sa lisebelisoa tsa bana ba nang le bokooa ba pono ba sekolo sa mathomo sa St Bernadette Maseru, ka Labobeli la beke ena. O re ts’ebetso ena ke nts’etsopele ea boitlamo ba bona, ba ho busetsa sechabeng ka ho khetholoha batho ba hlokang, ‘me ke lekhetlo la bobeli ba tlatsetsa sekolong se ts’oanang kaha ba ile ba etsa selemong se fetileng. Hona litabeng tsena, mookameli oa lehae lee bana ba lulang ho lona ’Mamoliehi Tamako, o re ba leboha mphohali eo e tlil’o kenya letsoho khahlametsong ea lithusa thuto tsa bana, lijong le ho lefa bahlokomeli ba bona ’me ke bana ba mashome a supileng le metso e robeli ba tlang ho una molemo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.