BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MORENA O LLA KA SEPOLESA SE SA MO SEBELETSENG KA MOBUSUOA EA MO TSOETSENG TAOLONG, QUTHING

By Thabo Mokoena • November 1, 2024 • 5 min read
Ramotse oa Namolong Seja-meloli Mount Moorosi, Quthing, o re sepolesa sa tikoloho eo ha se mo sebeletse ka e mong oa babusuoa ba hae, ea ileng a mo hlasela lapeng la hae, a mo nts’a le ho mo hulanya mapatlelong a motse oo ka le reng ha a mo sebeletse, bekeng e fetileng. ’Maposholi Posholi, o re o ne a laeloe ke morena oa sebaka ho se fe monna eo lits’ebeletso, ka lebaka la ho hana pitso ea morena eo, e le ha ho ne ho il’o ts’ohloa litaba tsa babolotsi tse mo amang. O re monna eo, o ne a mo hulanye sa nyalasi e hanang ho ea alosa, a mo tlamme ka mohala a ntse a re o tla mo nts’a bokaako boo a nang le bona ba ho se mo tempele litokomane le ho mo ngolla mangolo. O re o tlalehile litaba tsena sepoleseng se itseng se tla li sebetsa, empa ha ho nko ho tsoa lemina, ’me ee ho lluoang ka eena, monghali Moqochoa Ramoorosi, o re o hulantse morena ka mor'a ho hana ho mo ngolla tokomane ea ho kutoa ha lipoli tsa hae, a ba a batla ho mo hulela sepoleseng ho se bolella mabaka a ho se mo sebeletse. Morena oa sebaka, Mofumahali ’Mantolo Nkuebe, o re monna eo ke le-hana-puso, o ntse a mo emetse ofising ea hae ho ea ts’ohla litaba tsa lengope leo a neng a le kopile, ’me li se li le sepoleseng sa Mount Moorosi. Lehakoe la Litaba le fetiselitse litaba tsena ofising ea raliphatlalatso oa sepolesa, ea itseng o tla li batla.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.