BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

QOO O RE IEC E LAELOA KE ’MUSO HO KONA MOAFRIKA LIPAPATSO TSA LIKHETHO TSA MAKHOTLA A PUSO EA LIBAKA

By Thabo Mokoena • June 24, 2025 • 5 min read
Monghali Serialong Qoo o re e le Democratic Congress, ba fumane ka motsoalle oa bona ea ka pusong hore ’muso oa Lesotho, o laetse mookameli oa Komisi e Ikemetseng ea likhetho (IEC), hore a time Liphutsalatso tseo o belaelang li le khahlanong le oona. lipapatso tse khothaletsang Basotho ho ea likhethong tsa makhotla a puso ea libaka. Tsena monghali Qoo, o li buile ho Tsa mafelo a beke moo a reng ka ho khetholoha, ’muso o hloaile Phutsalatso ena le li-ea-le-moea tse tharo tse ikemetseng hore li konoe lipapatso tsee a reng li simollotse ho bapala bekeng e fetileng liphutsalatsong tse tharo ho kenyelletsa ea ’muso. Litabeng tsena, Nthati Moorosi ea hlalositsoeng e le eena ea laetsoeng ke lekhotla la matona ho laela IEC ho etsa se boletsoeng, o re taba eo, ke leshano le se nang litsoako, ha ho na lipapatso tse seng li fuoe liphutsalatso, hape o khothaletsa hore ea buang ka eona, a hlahise litokomane e le bopaki. Litaba tsena li baloa lehlakore la IEC le ntse e-so fumanehe ho netefatsa kapa ho hanyetsa litaba tsa Qoo, empa seo e leng ’nete ke hore, khahlanong le lilemong tse fetileng, Moafrika ha e-so atameloe ke IEC malebana le ho thaothela likhetho tse tlang, e leng tsa Puso ea Libaka.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.