BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

KEREKE EA CHACHE E KHOKHOHANYA PUO LE MASOFE HO UTLOA LIQHOLOTSO TSA OONA, MASERU

By Thabo Mokoena • January 26, 2025 • 5 min read
Phutheho ea kereke ea Chache e Ha-Makhoathi, Maseru e ile ea hlolloa ha khoeli ena e hlola matsatsi a mashome a mabeli a metso e mehlano, ha e ikutloela ho masofe hore e ntse e le batho joalo ka bohle, a mpa a fapana le ba bang ka lebala, ’me seo ha se etse hore a khetholloe kapa hona ho hobosoa ka baka la boemo ba bona. Ea neng a hloailoe e le sebui sa bohlokoa ke mokhatlo oa basali oa kereke eo, ’Mathabo Chobokoane, mosebeletsi oa phutsalatso ena, o re boits’epo ba batho ba mofuta ona, bo simolla ka malapeng a habo bona ka ho ba kenya lerato la hore ba qale ba ikamohele le ho ithata pele ba tsoela sechabeng. Ka ho otloloha, o re Moafrika FM ka bokoetlisi bo matla ba Mohlomphehi Mohlophisi e Moholo, o lilemong tse mashome a mabeli a ntse a mo otlela bosebeletsi ba sechaba mafapheng a fapakaneng a bophelo, ho kenyeletsa bona boits’epo ba hore a ka fihlela tse ngata ha a ka tsoa ka makhalo afe, ka mabaka ana, oa mo leboha. Ho feta mona, a lokolisa litlhoko tsa mantha tsa oona e leng litlolo tsa letlalo tse khethehileng bakeng sa mahlaseli a letsatsi le likhalase tsa mahlo, ka hore ka tlhaho ke batho bao pono ea bona e fokolang haholo, ’me ba hloloa ho ithekela tsona ka baka la boturu, ’me mokhatlo o boletsoeng, o ts’episitse ho arabela litlhoko tseo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.