MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Sepetlele sa setereke sa Maseru se tla ba botsamaising bo feletseng ba Lesotho
By Thabo Mokoena • December 7, 2025 • 5 min read
Sepetlele sa setereke sa Maseru se lebelletsoeng ho buloa se-’muso ka la leshome le metso e meraro khoeling ena, se tla ba tlasa botsamaisi bo feletseng ba naha ea Lesotho, ha China e se phalletse ka lingaka tse ts’eletseng.
Tsena li hlahelletse ketelong ea litho tsa Lekhotla la Sechaba, ka Labone la beke ena, ea ho ea hlahloba boemo ba sepetlele ka mor’a ho simolla ho sebeletsa bakuli ba il’o bona ngaka ba bile ba khutlela malapeng.
Ea neng a etelletse-pele moifo, molula-setulo oa komiti ea boiketlo ba sechaba, ee lekala le ikarabellang ho eona, monghali Mokhothu Makhalanyane, o re sepetlele sena, se tla amohela bakuli ba makholo a mabeli, ’me tebello ke hore ho latela mechini ea boemo e reketsoeng sepetlele sena, palo ea bakuli ba fetisetsoang Afrika-Boroa e tla theoha. Ho le joalo, se na le khahello ea bosebeletsi, kaha lingaka tsa Basotho li fokola.