BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

LEKHOTLA LA MOLAO OA MOTHEO LE AHLOLELA MOFOMOBE LE SHALE KHAHLANONG MAUTLOELA A NAHA ENA

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Lekhotla la Molao oa Motheo le ahloletse benghali Machesetsa Mofomobe le Moeketsi Shale khahlanong le Mautloela a naha ena, a neng a ile a leka ho nka mehala ea letsoho ea Mofomobe le ho amoha Shale ea hae, ka Labobeli la beke ena, 'me ba thabile. Monghali Mofomobe, o re lekhotla le ile la lumellana le eena holim'a likopo tsa hae tse latelang: hore lekhotla le nke sephepheshana seo tona-kholo e neng e rometse mapolesa le mautloela ha hae ka sona hore a amohuoe mehala ea hae, se phatlalatsoe se le khahlanong le Molao oa Motheo. Ntle ho moo, o re la re letona ofising ea tona-kholo, ha le na matla a ho tekena sephepheshana, le ipitsa tonakholo empa e se eona, ka mabaka ana, taba ena le e tjebetse matjoing ka hore e khahlanong le Molao oa Motheo oa naha ena. Monghali Mofomobe o re o bile a re lekhotla leo, le phatlalatse molao oa Mautloela oa nomoro ea mashome a mabeli a metso e ts'eletseng, oa selemo sa 1998, o se molaong, 'me le hona moo, lekhotla la lumellana le maikutlo a hae. O re tabeng ea mehala ea monghali Moeketsi Shale e nkiloeng ho eena ke Mautloela ka le reng a ilo e hlahloba, Mautloela a e busetse ho eena hang hang. Tsena tsohle li bile ka pel'a Moahloli e Moholo Sakoane Sakoane. Ke boemong bona moo lekhotla le boletseng hore, ho amoha motho mehala ea hae ke khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho, hape ke ho thulana le lipallo tsa molao oa motheo, oa bolokolohi ba motho
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.