BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

BAHLOMPHEHI LITHO TSA PARAMENTE EA SECHABA, BA RE BAKHOTHALETSUOA BA LIKHETHO TSA MAKHOTLA A PUSO EA LIBAKA BA IKETE KA LITS'EPISO TSEO BA TLA LI PHETHAHATSA

By Thabo Mokoena • August 18, 2025 • 5 min read
Bahlomphehi litho tsa Paramente ea Sechaba, ka Laboraro la beke ena, ba re ba eletsa bakhothaletsuoa likhethong tsa makhotla a puso ea libaka, ba tla phahamisoa le ho hlahisoa kapel’a liofising tsa motlatsi oa mokhutlisi oa sephetho ka Labone la beke ena, hore ba tle ba ikete ka lits’episo tsee ba tla li phethahatsa. Ba re e se e ka ba lilemo joale Mak’hanselara a iketa ka hore a tla etsetsa bakhethi litsela, ho ba hulela metsi le motlakase, le ho ba isetsa lintlafatso ka har’e ho metse ea bona, empa ho se be joalo, ha ka lehlakoreng le leng ba bang ba re taba eo e ka etsahala ha feela ho ka theoleloa matla sechabeng. Tebello ke hore ha bakhothaletsuoa ba se ba phahamisitsoe ka menyakoe e fapakaneng, ka liphathi le baiketi ba ikemetseng, ba tla qalella ho kena ka har’a sechaba ho iketa hore na ba se ts’episa eng. Litaba tsena, li ne li thehelletsoe holima hore bahlomphehi litho tsa Paramente ea sechaba, li ke li bolelle Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano tsa Paramente ea sechaba Phutsalatsong ea Molimo, hore na li ka hlahlella bakhothaletsuoa ka litaba life, pusong ea libaka.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.