MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Lefapha la Boipaballo mebileng le khahlamelitse Sepolesa sa Sesole ka seaparo sa litotobala
By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Lefapha la Boipaballo mebileng, la Lesotho, le khahlamelitse Sepolesa sa Sesole ka seaparo sa litotobala ka Lapele la beke ena, moketjaneng o neng o ts’oaretsoe motebong oa sesole Makoanyane.
Raliphatlalatso oa sesole sa Lesotho, Lt Col Sakeng lekola, o re Lefapha le etsa sena e le teboho ho Sepolesa sa Sesole, ka lebaka la ts’ebelisano ’moho e mofuthu eo ba nang le eona le bona, le ho hlokomela tlhokahalo ea seaparo lefapheng le seng le boletsoe.
Lt Col Lekola o re sepolesa sa sesole, se tlatsetsa lefapha la boipaballo ’mileng ka makhetlo ha se kopiloe. Tsena li bonahala haholo linakong tsa khefutso tsa Paseka le Mafelo a selemo. Mpho ena e amohetsoe hlooho ea Sepolesa sa Sesole, Major Monesa Ramahlele.