MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Ho na le khang lipakeng tsa ’muso le IEC malebana le moaho oa Komisi o Maseru West
By Thabo Mokoena • June 23, 2024 • 5 min read
Komisi e ikemetseng a likhetho IEC, e re e rekile moaho oo e sebeletsang ho oona, Maluti road, Maseru West, ho ba ntlo-kholo ea eona. Mookameli oa likhetho, monghali Mpaiphele Maqutu, o re komisi e sebelelitse moahong oo ho tloha ka ’Mesa monongoaha, ka mor’a ho tsoa meahong ea Matekane Group of Companies mafelong a selemo se fetileng sa lichelete.
Maqutu o re bohle ba thulang taba ena, ba fane ka bopaki ba hore moaho oo ha se oa IEC papisong le litokomane tseo ofisi ea habo e nang le tsona. Letebele le re moaho o rekiloe ka chelete e tsoang Paramenteng, ka mor’a hore eona Paramente e lle ka litefiso tse holimo tseo IEC e neng e li lefa moo e neng sebeletsa teng pejana.
Tabeng ea ho nyarela ka har’a jarete ea Tona-kholo, Maqutu o re matlo a bahlanka ho kenyeletsa a matona a mehleng, a shebile bolulong ba tona-kholo ka kotloho, feela ha ho lerata le etsoang ka oona.
O re ha a utloisisi na IEC e ka hlasela tona-kholo joang, empa komisi e le mopepisi oa mebuso eohle ea naha ena. Litabeng tsena Letona la Molao monghali Richard Ramoeletsi le re moaho oo, ke oa ’muso o mpang o nehelanoe ho komisi e le bokhina-pere, ke hona komisi e tlang ho aheloa oa eona.