BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Ho thunngoa batho libakeng tse fapakaneng tsa naha ena, bao ba bang ba bona ba timetseng

By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Mokhethoa oa Puso ea libaka oa Taung Lefikeng, Mohalesuku, o re baahi ba babeli ba Ponts’eng, Mohalinyane, ba ile ba thunngoa, e mong a ba a timela, ha e mong a kene sepetlele, ha le ne le ea mampa-lipoli ka Labosupa la beke e fetileng. O re banna ba ile ba kena khoebong e ’ngoe, ba batla chelete, ha ea seng a timetse, a ne a ilo reka, moo morekisi a ileng a laeloa ho ba felehetsa ho ea lapeng ha bao, ho ea fana ka chelete e ’ngoe, 'me ba fumana ntat’a moholo oa ea ntseng a loanela bophelo ba hae sepetlele, ka mor’a ho thunngoa molaleng. Ho sa le joalo, sepolesa sa Mokhotlong toropong se phuthile setopo sa monna oa Sanqebethu Ha Makoae hona seterekeng seo, ha batho ba babeli ba kene sepetlele ka mor’a ho thunngoa le ho tlepetsoa ka majoe ka Labohlano la beke e fetileng. Litaba tsena li boletsoe ke moholoane oa mofu monghali Lerotholi Molapo ea reng ba ile ba utloa ho khabola ha sethunya nakong ee ba neng ba le ntlong ea mothamahane, ho tsoeleng ka ntle, monna ea tsejoang a ba fafatsa ka lethala la likulo a nt’o nyamella lefifing la bosiu, eena a phonyoha, ha moena oa hae a timetse. O re ’melaelloa o tsekisa moena oa hae ha a mo batla khomo ee a ileng a mo alima hore a tle a e hlabele bana bao a neng a ba bololitse ha ba theoha thabeng, ’me ’melaelloa ha a-so ts’oaroe. Ho sa le joalo, monghali Thabang Mosotho oa Motse-Mocha Ha Ts’osane, Maseru, o re o makalletse bolaoli ba sesole sa Lesotho boo esaleng bo re bo tla khutlela habo, ka mor’a hore eena le moena oa hae ba thunngoe ke setho sa sesole sa naha ena, moo moena oa hae a bileng a felloa ke bophelo, ketsaholong tsa Lapele la Phupjane monongoaha. O re ka le hlahlamang karolo ea bolaoli e bile habo ea ts’episa ho khutla, ’me o bona meso e ntse e tsoala mesoana, ha ’melaelloa a ntse a itsoella pele ka bophelo. O re ha ba tla thunngoa, ’melaelloa o ne a ba fumane tameneng e ’ngoe ka har’a motse oo, a le mahlo a ntoa, eena a mo bata ka lephaka hloohong, a leka ho inamolela ho ea neng a se a mo khamme, empa a nts’a sethunya le ho ba fafatsa ka lethala la likulo. Hona litabeng tsena, Lt Col. Sakeng Lekola, o re hang ka mor’a ho utloa litaba tsena, sepolesa sa sesole se ile sa etsa mosebetsi oa sona, sa nehelana ka ’melaelloa ho sepolesa sa naha ena, ’me litaba li se li le matsohong a sepolesa.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.