MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mabote o re lipakeng tsa ’muso le IEC ha hona ea nang le litokomane tsa moaho o tsekoang, oo eleng ntlo-kholo ea Komisi
By Thabo Mokoena • July 26, 2024 • 5 min read
Phala ofising ea tona-kholo, monghali Thapelo Mabote, e re bobeli, Komisi e Ikemetseng ea Likhetho IEC le ’muso oa Lesotho, ha bo na litokomane tsa molao tsa moaho o tsekoang o Maluti Road, Maseru West.
Mabote o re sets’a seo Komisi e iphatlalatsang e se rekile e se e bile e ntse e sebeletsa ho sona, ke sa ’muso se ikhapetsoeng ka thutsoana ea ’muoane ke mohoebi oa molata ka thuso ea baahi ba naha ena.
O re mafapha a amehang ke hona a ntseng a khokhohanya puo ho rarolla qhaqhang-qhang ena, ’me tebello ke hore ’muso o tle o nehelane ka bohashana bo itseng ho mong’a moaho lebaka ke hore le eena o senyehetsoe.
Ofisi ea tona-kholo e hlahella ka mor’a hore mookameli oa likhetho, monghali Mpaiphele Maqutu, a re o lefelletse moaho o boleloang, limilione tse mashome a supileng a metso e supileng tsa Maloti, ha letona la Molao, monghali Richard Ramoeletsi le itse komisi e sa fuoe bokhina-pere, ke hona e tlang ho abeloa chelete ea moaho.
Litabeng tsena setho sa nako e telele sa paramente ea Lesotho monghali Lekhetho Rakuoane, se ne se ile sa re Komisi ha e ea ikemela ka ho feletseng, e ikemetse tlhophisetsong ea likhetho feela, lichelete le thepa, ke tsa ’muso, ka mabaka ana, paramente e lokela ho nts’a komisi ka ho etsa molao oa boikemelo ba eona.