BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Mahokela a Bokong a patlong ea banna ba babeli ba belaelloang bosholung ba nku, Thaba-Tseka

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Molula-setulo oa Mahokela a Bokong Ha Suoane, Thaba-Tseka, o re ba ntse ba le patlong ea banna ba babeli ba nyametseng matsohong a bona, ba ne ba ts’oeroe ka pelaello ea ho utsoa le ho hlaba nku ea moahi oa motse oo, ka Labone la beke ena. Monghali Ts’eliso Ramakuoane, o re e mong o ne a ile a kopa ho ea mohlabaneng, athe ke ho nyamela ha hae kamor’a ho ts’oarisa mahokela leleta ka matsoho, ha e mong a nyametse ka lihannaboi. O re Leloko Chale le Manehella Khoakhoa, ba lula ba hlahella litabeng tsa bosholu motseng oo, moo ba kileng ba rekisa linku tse mashome a mabeli a motso o mong, Afrika Boroa, ’me motsoali ea bileng teng ha ho hlajoa nku ena, o itse o tla lefa tsohle, le ha ho le joalo, o se a re ea nyametseng ka lihannaboi a li khutlise.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.