BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MOROETSANA O FOLISOA PHUOANA EA MOHLOLO KA THAPELO

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Moroetsana ea neng a ile a hlaseloa ke phuoana a le sekolong se phahameng, motsemoholo oa Lesotho Maseru, o ile a lopolloa ka thapelo ke Moapostola Liau Thoahlaka a letselitsoe ka mohala oa letsoho bekeng e fetileng. Moroetsana oa Masoeling Ha Patso le ‘ma’e ba buile tsebeletsong ea Mehlaleng ea Jesu Kreste ea Labotselela la ha khoeli ena e hlola matsatsi a mashome a mararo, ba bolela boholo ba Molimo o ba etselitseng mohlolo ka mohlanka eo oa oona. Tlhaloso ea bona e re ka Labobeli la beke e fetileng, moroetsana a le sekolong, o ile a khetsemela phuoana ka mohlolo, ea e ba mohlolo ka ha lefu leo le tsejoa e le la bana e seng batho ba baholo. Moapostola Liau Thoahlaka oa Khomokhoana Ha ‘Matau, ke e mong oa baruti le baapostola ba baholo kerekeng ea Sechaba sa Molimo Apostolic Church in Zion, ’me o okametse litereke tse ka bochabela ho Lesotho tsa Kereke ena.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.