Mosali oa Hleoheng Ha-Mokati, Leribe, o re o belaela ba ne ba etetsoe ke moea o lits’ila ka sebopeho sa motho bosiung ba ’Mantaha ona, o bileng oa nyamela ka mokhoa o sa tsejoeng.
’Mats’olo Makobane, o re o ne a ile a utloa lintja li bohola, a sa li mametse, a bona eka lemati lea buleha, ha kena motho e molelele, ea neng a tenne liphahlo tse lefifi, a fetela ka phaposing ea boroko, eare ha a bonesa fono eaba ha a sa bonahala, a ba a hlokomela hore monyako ho ntse ho koetsoe.
O re batho bao a lulang le eena, ba ne ba khalehile ha tsena tsohle li mo etsahala.