MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
SECHABA SA SETLEKETSENG HA TLALI SE BOLAOA KE LENYORA - HO RIALO MOK'HANSELARA MOTEBANG RAMOKOATSI
By Thabo Mokoena • August 22, 2025 • 5 min read
Mok’hanselara oa Setleketseng Ha Tlali, Maseru, o re sechaba sa moo, se bolaoa ke lenyora ka mor’a ho shoa ha mochini o pompang metsi, likhoeling tse tharo tse fetileng.
Monghali Motebang Ramokoatsi, o re lekala le ikarabellang e sale le se ts’episa ho ea se fetolela mochini le ho eketsa matlapa molemong oa ho fehla metsi ha bobebe empa ha ho nko ho tsoa lemina, hoo sechabeng se seng se noa metsi liqhanthaneng le ho lebella mohlang pula e neleng.
O re ha e le Ha Nako teng sechaba sa moo ha se tsebe le hore na pompo ke eng, lebaka ke hore o selemong sa bohlano a ntse a kopa hore se hokeloe metsi, empa o shapa e khathetseng.
Hona litabeng tsena, mongahali Ramashamole Thahanyane mookameli oa phepelo ea metsi seterekeng sa Maseru, o re lekala le se le abetsoe chelete ka hona ba haufi ba etsa khoheletso ea mekonteraka, ho etsa litokiso naha ka bophara.