BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

LITHO TSE THARO TSA LELAPA LI TIMETSOA KA SETHUNYA KA NAKO LE MOTSOTSO

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Litho tse tharo tsa lelapa, Mahloenyeng Ha-Mafa Matsieng Maseru, li timelitsoe ka ho thunngoa ke batho ba sa tsejoeng le ho chesetsoa ntlo e kholo ea rontabole ho bo selang Lapele la beke ena. Ea faneng ka litaba tsena, o re o ile a letsetsoa ke morena, a mo botsa hore na o tseba letho ka ho cha ha ntlo ea moena oa hae ka lenyalong, a mo latolela, leha ho le joalo, o ile a totobela sebakeng seo. O re ho fihleng ha hae, o fumane baahisane ba se ba nts’elitse litopo tse tharo kantle, ba li behile lebaleng, e leng, mosali le bana ba hae ba babeli, ha ntlo e chele le tsohle tsa eona, le hoja ba ne ba ile ba leka ho e tima. O re erekaha mong’a lelapa lena a e-so tsebisoe litaba tsa ho timetsoa ha bana ba hae, a boleletsoe ka ho chesetsoa ntlo, feela, tsohle o tla li tsebisoa ha a fihla hae, leha ho le joalo ha ho tsejoe sesosa sa ketsahalo ena.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.