MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
BASOTHO BA TIMELETSENG KA MORAFONG OA HEREMONE, AFRIKA-BOROA, BA NTSE BA E-SO NTS’OE
By Thabo Mokoena • July 19, 2023 • 5 min read
Monghali Lejone Mpotjoane, o re banna ba ileng ba tlalehoa e le ba Berea, ba timelletseng morafong oa Heremone, o Virginia Afrika-Boroa, ba ntse ba e-so nts’oe ho fihlela joale.
Puisanong le Lehakoe la Litaba, letona la Machabeng le re ke hona ho nts’itsoeng ba babeli, ba phelang, ba kenyeletsang le ea ileng a tsoa pejana ho tloha sealuma seo se hlahile, ho ba mashome a mararo a motso o mong ba ileng ba hlalosoa ba ne ba le ka moo.
O re ’muso oa Lesotho le oa Afrika Boroa, o ntse o le lipuisanong le ba morafo oo o neng o se o sa sebetse, ho tla ka mekhoa e ka sebelisoang ho nts’a bao, ’me ha ba se ba nts’itsoe, ’muso o tla nka boikarabello bohle ba ho ba tlisa hae le ho ba boloka. O re ba neng ba tlalehoe ba timetse, ba ne ba mathela mokhosing oo, haa tsebe letho ka bona.
Batho ba boleloang, bao boholo ba bona e leng ba Mats’ekheng, ba ne ba timelle ka moo ka Mots’ehanong selemong sena, ’me ea e-ba hore e mong oa bona o ne a leke ho tsuba koae, athe khase e ka tlas’a mpa ea lefats’e e kapa mollo.