BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

ECONET E RE BASEBELISI BA LIHLAHISOA TSA EONA BA FOLOFELE LERAHA, BA NGOLISE LIKARETE TSA MEHALA EA BONA PELE E KOALOA

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Econet Telecom Lesotho e re ho setse matsatsana a seng makae pele ngoliso ea likarete tsa mehala ea thekeng e koaloa, molemo ke hore basebelisi ba eona ba e-so ngolise tsa bona, ba itlhahanele hobane sebaka se se se lekane motinyane. ’Mathabo Masoabi lebitsong la Econet, o re o bua sena e le ha ho hlokomeleha hore basebelisi ba lihlahisoa tsa k’homo ena, baa bangata, ba tla iphumana ba hloloa ho tsoelapele ka tsona, kaha linomoro tsa bona li tla be li se li koetsoe. O re sechaba se lemohe hore ho se ngolisi likarete tse boletsoeng, ho tlilo se amoha lits’ebeletso tsohle tseo se li fumanang kamehla, tse kenyeletsang ho kenya le ho nts’a chelete, har’a tse ling. O re taba ena ha e tlo ama feela batho ka bomong, empa linomoro tsa liofising, malapeng le mekhatlo, ’me e tla ba linomoro tse qalang ka 6, 27 le 28, ka mabaka ana bohle ba potlake, e sere ba aha serobe phiri e se e jele. Ngoliso e koaloa ka la mashome a mabeli a metso e meraro khoeling ena. Litabeng tsena, sechaba se tsebe hore basebeletsi bohle ba phutsalatso ena, ba teng literekeng ho ngolisa likarete tseo tsa Econet, ’me se ee ho bona, se fumane lits’ebeletso tsena nako e sa le teng
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.