MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mosali o re o ts’aba lehae ka mora hore molekane oa hae a khakhatheloe lefu ke baahi ba motseng oa habo, Methalaneng Thaba-Tseka
By Thabo Mokoena • June 10, 2024 • 5 min read
Mosali oa Peteletsa Methalaneng, Thaba-Tseka, o re o phela matsoalong, o se a ts’aba lehae ka mora hore molekane oa hae a khakhatheloe lefu ke baahisane ba bona le baahi ba motseng oo, ka Labosupa la beke e fetileng.
’Mapeiso Mahlomola o re ka letsatsi le boletsoeng, ho ile ha fihla baahisane ba bona lapeng, ba batla monna oa hae ka le reng ba mo belaella bosholung ba linku tsa moahi e mong, tse mashome a mararo, ’me ba ile ba ea ka eena, ba ea mo khakhathela sebakeng se seng, ka har’a motse oo, a ba a timella sebakeng sa ketsahalo.
O re litaba tsena li tlalehetsoe sepolesa sa Bokong, seo a reng o bona se hata koekoe ha se lokela ho mo sebeletsa ka babelaelloa ba polao ea molekane oa hae, ba tsejoang. Hape o re se mo ts’abisang lehae ka ho fetisisa, ke ho lemoha hore ha a sireletseha le bana ba hae, kaha ho pshatliloe mamati le lifensetere tseo a sa tsebeng hore na tla li lokisa ka eng.