BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

BABELAELLOA BA POLAO EA LEQHASHASHA BA EKELETSOA NAKO LITLAMONG TSA SEPOLESA KE MAKHOTLA

By Thabo Mokoena • August 15, 2023 • 5 min read
Lekhotla la ’Maseterata la Maseru ka Laboraro la beke ena, le ananetse kopo ea mafokisi a sepolesa sa Pitso Ground, ea ho se ekeletsa nako ea ho boloka babelaelloa ba polao ea monghali Ralikonelo Joki litlamong tsa sona, ka le reng se sa le ntlhaneng, ha se eso qete lipatlisiso tsa sona ka bona. Se re sena se latela linyeoe tse 'maloa tsa litlolo tsa molao, tse amahangoang le babelaelloa bao, ka lebaka leo, ho tla se nka nako e teletsana kaha lipatlisiso li ka nna tsa se isa libakeng tse 'maloa le kantle ho naha. Babelaelloa ba fihlile khotla ba holehuoe maoto ka thata, tlasa ts'ireletso e matla ea sepolesa se neng se jere mekotokoto ea lithunya se sa batle letho le ka se emang kapele.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.