BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Feme ea Vishan Ace Apparel e koetsoe, basebetsi ba eme le monna oa mateneng, Maputsoe Ha-Nyenye, Leribe

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Basebetsi ba Vishan Ace Apparel, Maputsoe Ha-Nyenye, Leribe, ba eme le monn’a mateneng ka mor’a ho koaloa ha feme ea bona, ka Labone la beke ena. Monghali Ts’epang Makakole o re basebetsi ba bangata ba ithoetse meli hlohoong hobane ba sa fumana meputso ea khoeli ena. Nyaka-nyaka o re ba lekile ho kopa namo ea LNDC, empa ba teea kalala hobane ba bolelletsoe hore bookameli ha boo, ba emele beke e tlang, ’me basebetsi ba isitsoe hae ka thetso ea hore mosebetsi o oa fokola, ke hona ho ilo batloa o mong, athe ke ho koaloa ha eona. Ngoan’a ’Mats’epang, o re ba entse mekutu eohle ho kopana le ba boholong ho bitsa phutheho e tla fana ka leseli, hobane ba ne ba utloa lintho li hana ho fela, eaba meso e ntse e tsoala mesoana.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.