MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MOSHEMANE O NYAMELLOA KE PUO A LE MOPHATONG, MOKHOTLONG
By Thabo Mokoena • March 5, 2025 • 5 min read
Moahi oa Tlohang-Rebue Ha Qetho, Sekonyela, Mokhotlong, o re ramophato oa moo ngoana oa hae a ntse a bolla teng, o hana ho mo nkela lengolo la ngaka ka mor'a ho mo tlalehela hore o lemetse ba ne ba ntse ba loana le e mong, 'me ha a sa tseba ho bua.
Monghali Remaketse Mokena o re ramophato o re mor'a o amehile puo ka mor'a ho otloa ke e mong ka thupa, 'me o bile a tlisoa sepetlele Maseru le ho khutlisetsoa ka mophatong a sa tsebe.
O re seo a se hlokang ke lengolo la ngaka e le hore a tle a tsebe ho mo qosa. Lehlakore la ramophato monghali Seruoe Thetana ha le eo ka lebaka la mohala oa sa keneng empa menyako e butsoe ea Lehakoe La Litaba ho fana ka mohlaka oa taba ena.