MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mosali oa Ha Sekhohola o re morena o file moholoane oa hae ts'imo ka thoko ho molao, Thaba-Tseka
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
'Maseetsa Sello oa Tsekong Ha Sekhohola Thaba-Tseka, o re morena Matete Sekhohola o file moholoane oa hae ts’imo ka thoko ho molao, empa eena a e abetsoe ke lelapa, ea ntoo methoa ke ba Kabo le Kamoho ea Mobu, le hoja a e-so fumane tokomane e mo pakang.
O re erekaha o arolelane moeli le moholoane oa hae, eo o ile re o kene ka ts’imong ea hae ha a phethela, ’me o ile a ea moreneng ho kopa ho namoleloa, empa morena a kena ka har’a ts’imo ea hae ka lehare a re o e fa moholoan’ae.
Litabeng tsena, morena Sekhohola o re ke leshano hore o kene ka har’a t'simo ea molli a e fa moholoane oa eo, empa o butse moeli hore bobeli bo khaotse ho khitlana ka litsoe, leha ho le joalo, o fumane hore eo moholoan’ae, o lemme moo a laetseng hore ho se lengoe.