BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Batsoali ba moqhobi ea belaelloang bosholung ba naepene ea moeti, ba itlama ho e lefa

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Monghali Mokhele Phohleli o re batsoali ba monghali Kotelo Kotelo ea neng a ile a qhautsoa ke sepolesa sa Pitso Ground ka Labosupa la beke e fetileng a le Ha ’Nelese Maseru, ka pelaello ea bosholu ba naepene ea moeti, ba itlamme ho lefa ho qala bekeng e tlang. O re ba entse tumello ea tefo, hobane a sebelisitse naepene eohle, haese sekete le makholo a mabeli a Maloti feela. Sena se tla ka mor’a hore moeti a fe moqhobi eo sepache le chelete e boletsoeng a se fumana ka koloing hore a se tholise mong’a sona, ka Labohlano la mafelo a beke fetileng. Mong’a lephele leo, monghali Thabo Likhale o re koloi e neng e ile ea bolokoa sepoleseng ka le reng e tla sebelisoa ele bopaki, o e lokolletsoe.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.