BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Mosali oa Ha-Daniel o eloa ka liphalana ka mor’a ho khahloa ke litaba tsa keketso ea chelete, marang-ranng a facebook

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
’Manteboheng Thaha oa Semonkong Ha Daniele, Maseru, o re mosali ee a ileng a kopana le eena marang-ranng ka le reng o tla mo tsoalisetsa naepene ea hae ho tloha ho makholo a mararo le mashome a mahlano ho ea ho likete tse peli le makholo a robong a Maloti, o mo nyamelletse. O re sena se latela hore a bone mosali e mong a leboha ha eo a mo thusitse hore khoebo ea hae e hohele bareki, le ho mo fa phahello e khahlang mahlo, ’me ere kaha a e-na le khahleho ea ho iqalla khoebo, a bona monyetla, athe hoo ke leraba, hang hoba a ts’ele chelete eaba ke ho nyamela ha hae. Eo ho lluoang ka eena, Nthabiseng Sebolai ha fumaneha mehaleng ea hae, leha ho le joalo mamati a Lehakoe la litaba a ntse a butsoe hore a ka tla teka lehlakore la hae.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.