BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MORENA O NTS`A MOSALI EA QOTSANG MOHATO OA MOBUSUOA OA HAE KA MOTSE, QACHASENEKE

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Morena oa Makhalong Ha Mpiti, Qachaseneke, o re o laetse mosali ea jakileng motseng oo, hore ka mor’a libeke tse peli ho tloha joale, a be a itlhekile ka har’a oona, e le ha a belaelloa ho qotsitseng mobu oa maoto a moahi oa motse oo. Morena Seisa Mpiti o re sena se tla ka mor’a hore ho be le mobusuoa ea llang ka hore eo, o nkile mohato oa hae, ntle ho moo ho se ho e-na le litaba tse ngata ka eena ka har’a motse, ’me eo o latola bosehla litaba tse buuoang ka eena. Ho sale joalo, Morena Mpiti o re ho na le monna ea lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ea kokotelang basali ha ba ile ba hana lefereho la hae, ea ileng a re o etsa tseo a le tlas’a ts’usumetso ea tai, 'me a laeloa ho cheka sekoti sa ntloana ea sechaba ele kahlolo ea hae.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.