BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Morena Mahosi o re molao oa bojalefa o mocha, o tla rekisa ka boleng ba sechaba sa Basotho

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Mongoli oa Mokhatlo oa Marena a Lesotho, morena Haretsebe Mahosi, o re sets’oants’o sa molao se khothaletsoang ke Amerika, se tla etsetsa Basotho molao o tlang ho timetsa Basotho. O ne a bua a ipapisitse le molao o tlang ho tsoaloa ke sona, le boholo ba Esau boo neng a bo rekisetse moena oa hae Jakobo ka lebaka la lephako la nakoana. O re marena a habo a re molao oo, o tla thulana ka kotloloho le mekhoa le meetlo ea Basotho, etsoe tsamaiso ea lefa e khothaletsoang ke molao oo, e sa tsejoe ke sechaba se phelang metseng ea Basotho. Bohle ba ileng ba kena tabeng ena ka mor’a ho tekoa ke Morena Mahosi, ba lumellane le eena. ’Makearabetsoe Ncholo le Liteboho Hlakane
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.