BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Lipholo o re ho se bonahale ha Sesole meeling, ho hohela Afrika-Boroa ho ikhapela naha ea Basotho

By Thabo Mokoena • July 24, 2025 • 5 min read
Dr Ts’epo Lipholo o re ho se bonahale ha sesole sa Lesotho meeling ea naha ena, bo hohela Afrika-Boroa ho tsoelapele ho ikhapela naha ea Basotho, ’me o re ho latela liphuputso tseo a li entseng, meeli e qetetsoe ho lebeloa pusong ea sesole. Tsena, monghali Lipholo o li buile ho Lesotho le Basotho-pele ka Labobeli la beke ena, a tlalehela bamameli ka likateng tsa ts’isinyo ee a ntseng a e buella ka Lekhotleng la sechaba, ea hore paramente e lekole bocha meeli ea Lesotho, ee pelaelo e leng hore e jooe ke Maburu Mafeteng, Mohalesuku, Qachaseneke, Quthing, Mokhotlong le Butha-Buthe. O re le hoja a eme ka matla hore Basotho ba khutlisetsoe naha ea bona, litho tse ling tsa ntlo eo, li bonahala li se na thahasello litabeng tsena, nakong ee a leng sethaleng, li hulana ka liqola, lia itsoela le ho iphethela mabaka a tsona, ’me le pina e hlalosoang e le ea sechaba ‘Lesotho fats’e la bontat’a rona’, ke e mpe ka ho fetisisa hobane e rorisa ho haptjoa ha naha.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.