MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
’Muso oa Lesotho ha o re letho ka baits’okoli ka khopolo ea hore ha ba na seabo, kholisong ea moruo oa naha ena
By Thabo Mokoena • October 20, 2025 • 5 min read
Molebelli oa litaba tsa moruo ea rupetsoeng Lesotho le ka Afrika-Boroa, Morena Mokholoane Ramainoane, o re ’muso ka mafapha a oona, ao baits’okoli ba ikarabellang ho oona, ha o ba tsotelle, o sitoa ho ba matlafatsa hobane o hloma hore ha ba na seabo kholisong ea moruo oa naha ena.
Tsena Morena Ramainoane, o li buile Paramenteng ea Sechaba ka Laboraro la beke ena, a re ho khetheha ha lehloa, ho sibollotse hore ’muso ha o na maano a hlakileng a ho matlafatsa baits’okoli le ho holisa likhoebo tsa bona.
O re ha ho ne ho nepahetse, meaho eohle e meholo e litoropong, e ne e lokela ho ba le libaka tseo baits’okoli ba sebeletsang ho tsona.
Lekholokoe le re ha e le mona ho bonahala ’muso o sa natse baits’okoli ka letho, ba emele likhetho, ba nts’e ea tlang ho ba molomo oa bona paramenteng, ’me o bile a akoa ke ba bang ba baits’okoli ba ileng ba ts’oaela lenaneong leo.
Litaba tsena li ne li thehelletsoe holim’a ho sitoa ho sebetsa ha baits’okoli ka lebaka la tlhokahalo ea libaka tsa ho sebeletsa litoropong ka mor’a ho khetheha ha lehloa ho simollotseng mathoasong a beke ena.