MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Nyeoe e hlahletsoeng makhotleng a boahloli a naha ena, e khina phano ea litšebeletso Lekaleng la Tsa Lehae
By Thabo Mokoena • December 7, 2025 • 5 min read
Nyeoe e hlahletsoeng ke e mong oa basebeletsi ba nakoana ba Lefapha la phano ea litokomane tsa mantlha tsa botho, e qholotsang likhiro tse ncha, e khinne phano ea litšebetso litsing tse joalo, ho rialo phala ea Lekala la Tsa Lehae, ’Marelebohile Mothibeli.
O re bohlanka bo neng bo ntse bo sebetsa bo feletsoe ke likonteraka, ’me bo bocha, bo tla hiroa ho ipapisitsoe le kahlolo ea lekhotla, leha hole joalo, litšebeletso tsohle li qalile ho fanoa Maseru ho tloha ka Labobeli la beke ena, ha literekeng tse kang Leribe le Berea, li tla qala kajeno.
Ho sale joalo, mokhethoa oa puso ea libaka oa Lekhotla la toropo ea Mohalesuku, monghali Pitso Khetsi, o re moaho oa phano ea litšebeletso tsa mantlha tsa botho seterekeng seo, o oetse ka hare, thapameng ea Labobeli la beke ena, ’me Butha-Buthe ke letsatsi Labobeli li ofisi li koetsoe, ho sena bohlanka.