MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Monna o re mosali o mo bolaisa lehare ha barobetse
By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Monna oa Phuthiatsana Ha-Jimisi Maseru, o re malome oa molekane oa hae o mo siile ka mantsoe a mo ts’ositseng le ho bea bophelo ba hae tsietsing ka mor’a hore a re ha a sa batla ho phela le eena hobane a mo bolaisa lehare ka mahetleng, ha ba robetse.
Monghali Thuso Motopi, o re tsena li tla ka mor’a hore malome oa molekane oa hae le lelapa la bo, ba kopanele taba ena eo a reng e se e le ka makhetlo a joetsa mosali oa hae hore a tlohele ho mo seha ka lehare, empa a re ha a e-so etse taba e joalo.
Leha ho le joalo, ’Maletsatsi Mants’a, o re monna oa hae o mo etselletsa ka leshano, ho teng, ba ee ba hlatsoane ka mahetleng, joale monna a utloe eka ho na le hoo a mo sehang ka hona ha a mo hohlola lekhopho ka seo e-bang o mo hlatsoa ka sona.
Litabeng tsena, malom’a ’Maletsatsi, monghali Polasi Matabane, o re molli ke eena ea ntseng a ikenyetsa matsoalo, ha ho na moo a mo ts’ositseng teng, empa o itse litaba tseo ha se moqeti oa tsona o tla tsebisa ba habo moamani le molekane eo oa hae.